Jump to content

Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa/Kgaolo 2

From Wikisource
Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa (1996)
Kgaolo 2: Bili ya Ditokelo
291704Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa — Kgaolo 2: Bili ya Ditokelo1996

7. Ditokelo
1. Bili ena ya Ditokelo ke tshiya ya demokrasi Afrika Borwa. E boloka ditokela tsa batho bohle naheng ya rona, ebile e amohela melemo ya puso ka setjhaba, seriti sa botho, tekano le tokoloho.
2. Puso e lokela ho hlompha, ho sireletsa, ho kgothaletsa le ho phethahatsa ditokelo tse Biling ena ya Ditokelo.
3. Ditokela tse Biling ya Ditokelo di tlamehile ho ikamahanya le meedi e teng kapa tse lebisitsweng ho karolo 36, kapa tse boletsweng ka hara Bili.

8. Tshebetso
1. Bili ya Ditokelo e tlama melao yohle, ketsamelao, phethahatso, tsa toka le dikarolo tsohle tsa mmuso.
2. Pehelo e Biling ya Ditokelo e tlama motho kapa batho ba molaong, ha feela ho tshwaneleha, ha ho tadingwa sebopeho sa tokelo eo le setlamo se beilweng ke tokelo.
3. Ha ho sebediswa dipehelo tsa Bili ya Ditokelo, bathong le batho ba molaong ho latela karolwana (2), hore lekgotla le—
a. tle le fane ka ho sebetsa ka tokelo ka hara Bili, e sebetse kapa e bang ho hlokahala le ntshetse pele molao o tlwaelehileng ho kwala sekgeo se sehilweng ke molao o etswang tebang le tokelo eo; hape
b. o ka ntshetsa pele molao wa naha ho fokotsa tokelo, ha feela phokotso eo e dumellana le dipehelo tsa karolwana 36(1).
4. Batho ba molaong ba lokelwa ke ditokelo tse Biling ya Ditokelo ho ya ka moo ho hlokehang ka teng ka ditokelo le sebopeho sa motho ya molaong.

9. Tekano
1. Batho bohle ba lekana ka pela molao mme ba na le tokelo e tshwanang ya ho sireletswa le ho una melemo ya molao.
2. Tekano e akaretsa ho sebediswa le ho lekana ha ditokelo tsohle le bolokolohi ho ntshetsa pele katleho ya tekano, ho etswa ha molao le mekgwa e meng ya ho sireletsa kapa ho tswellisa batho pele, kapa mekga ya batho, ba leng morao ka lebaka la kgethollo e sa lokang e ka phethwang.
3. Puso e se kgetholle mang kapa mang ka baka la botjhaba, bong, botona le botshehadi, boimana, lenyalo, morabe kapa mofuta, mmala, motho wa bong bo bong, dilemo, boqhwala, bodumedi, monahano o itseng, tumelo, setso, puo, le tswalo.
4. Ho se be le motho ya kgethollang e mong ka lebaka lefe kapa lefe ho ya ka pehelo ya karolwana (3). Molao o thehilweng o sebediswe ho thibela kapa ho phema ho hloka toka.
5. Kgethollo ka lebaka kapa mabaka a ngotsweng karolwana (3) ha e a loka ho fihlela ho ka fumanwa bonnete ba hore kgethollo e lokile.

10. Seriti sa botho
Motho e mong le e mong o na le seriti sa tlholeho le tokelo ya hore seriti sa hae se hlomphuwe se be se sireletswe.

11. Bophelo
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho phela.

12. Bolokolohi le tshireletso ya botho
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya tokoloho le tshireletso, e kenyeletsang tokelo ya—
a. ho se amohuwe bolokolohi ka ntle ho lebaka kapa toka;
b. ho se tshwarwe ntle ho qoso;
c. ho se be le mofuta ofe kapa ofe wa dikgoka ho tswa setjhabeng kapa mafapheng a ikemetseng;
d. ho se hlokofatswe ka tsela efe kapa efe; le
e. ho se tshwarwe kapa ho se kgalemelwe ka sehloho, ekaba ka bobe bofe kapa bofe kapa ka mokgwa o tlotlollang.
2. Mang le mang o na le tokelo ya ho phuthuloha mmeleng le maikutlong, ho akarelletswa tokelo ya—
a. ho iketsetsa qeto ka phumano ya thari;
b. tshireletso le taolo mmeleng ya bona; le
c. ho se sebediswe diphuputsong tsa kalafi kapa saense ntle ho tumello ya hae.

13. Bokgoba, bohlanka le ho sebediswa ka qobello
Ha ho motho ya lokelang ho etswa lekgoba, mohlanka kapa ho sebediswa ka qobello.

14. Ho phela o sa tshwenngwe
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho phela a sa tshwenngwe, ho akarelletswa le tokelo ya hore—
a. mmele wa hae kapa lelapa la hae le se phenyekollwe;
b. thepha ya hae e se phenyekollwe;
c. leruo la hae le se nkuwe ka mahahapa; kapa
d. ho se be le ho mamelwa ha dipuisano ha motho a bua le ba bang ka tsela ya kgokahanyi.

15. Bolokolohi ba bodumedi, tumelo le maikutlo
1. E mong le e mong o na le tokelo ya ho iphelela ka moo a batlang ka teng, le ka tumelo, mehopolo, bodumedi le tjhadimo ya hae.
2. Ditshebeletso tsa bodumedi di dumelletswe mesebetsing ya puso kapa e tsheheditsweng ke puso; ha feela—
a. ditshebeletso tseo di phethisa melao e behilweng ke bolaodi ba setjhaba bo nang le tokelo;
b. di tshwarwa ka ho tshwana; le
c. batho ba tla ka ho ithaopa le ka ntle ho qobello.
3. a. karolo ha e thibele ho etswa ha molao, ho akaretsa—
i. ho nyadiswa ka moetlo ofe kapa ofe kapa ka tsamaiso ya bodumedi, boikgethelo kapa molao wa lelapa; kapa
ii. ditsamaiso tsa boikgethelo le molao wa lelapa ka moetlo ofe kapa ofe kapa o latelwang ke batho ba bodumedi bo itseng.
b. Ho elellwa ho ipapisitswe le temana (a) ho tshwanetse ho tsepama hodima karolo ena le dipehelo tse ding tsa Molaotheo.

16. Bolokolohi ba ho hlahisa maikutlo
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho hlahisa maikutlo ka bolokolohi, ho kenyeletswa—
a. bolokolohi ba phatlalatso ya dingolwa le diphatlalatso tse ding;
b. bolokolohi ba ho amohela kapa ho phatlalatsa tsebiso kapa mehopolo;
c. bolokolohi ba ho qapa eng kapa eng ya bokgabane; le
d. bolokolohi ba borutehi le bolokolohi ba diphuputso tsa saense.
2. Tokelo e ngotsweng karolwaneng (1) ha e kenyeletse—
a. tlhotlhelletso ya ntwa;
b. hlohleletso ya dikgoka; kapa
c. kgothaletso ya lehloyo le itshetlehileng ho mofuta o mong, morabe, bong kapa bodumedi, mme hoo ho kgothalletsa ho baka kotsi.

17. Dikopano, mekoloko ya boipelaetso, ditletlebo, phethishene
Motho e mong le mong o na le tokelo ya ho bokana ka kgotso le ba bang, a sa hlomela, ho etsa mekoloko ya boipelaetso le ho nehelana ka diphethishene.

18. Bolokolohi ba kamano
Motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba kamano le mekgatlo.

19. Ditokelo tsa dipolotiki
1. Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho iketsetsa kgetho ya dipolotiki, e kenyeletsang tokelo ya—
a. ho theha mokga wa dipolotiki;
b. ho kenela merero ya, kapa ho batlela mokga oo ditho; le
c. ho tswela mokga wa dipolotiki letsholo, le ho jala mehopolo ya lona.
2. Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho kenela dikgetho tse se nang dithibelo, tse sa kgetheng, tse etswang nako le nako tsa ho etswa ha molao o thehilweng ka Molaotheo.
3. Motho e mong le e mong e moholo o na le tokelo—
a. ya ho kgetha dikgethong tsa ho etswa ha molao o thehilweng ka Molaotheo, mme a etse jwalo ka sephiri, a be a
b. kenele ho kgethelwa merero ya setjhaba mme ha a kgethwa a nke maemo ao a a kgethetsweng.

20. Boahi
Ha ho moahi ya ka amohuwang boahi ba hae.

21. Bolokolohi ba ho falla le ba bodulo
1. Motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho itsamaela ka moo a ratang.
2. Motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho falla Rephabliking.
3. Moahi e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho kena, a dula, a bile a aha hohle Rephaboliking.
4. Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le pasepoto.

22. Bolokolohi ba kgwebo, mosebetsi le botsebi
Moahi e mong le e mong o na le tokelo ya ho ikgethela kgwebo, mosebetsi kapa botsebi. Tshebetso ya kgwebo, mesebetsi kapa botsebi ho ka laolwa ka molao.

23. Dikamano mosebetsing
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho sebetswa ka toka mosebetsing.
2. Mosebetsi e mong le e mong o na le tokelo—
a. ya ho theha e bile e ba setho sa mokgatlo wa basebetsi;
b. ya ho kenela merero le mesebetsi ya mokgatlo wa basebetsi; le
c. ho ngala mosebetsi.
3. Ramosebetsi e mong le e mong o na le tokelo—
a. ya ho theha le ho ba setho sa mokgatlo wa boramosebetsi; le
b. ho kenela merero le mesebetsi ya mokgatlo wa boramosebetsi.
4. Mokgatlo o mong le o mong wa basebetsi le mokgatlo o mong le o mong wa boramesebetsi o na le tokela ya ho—
a. ipehela tsamaiso, mananeo le merero;
b. ho hlopisa;
c. ho theha le ho ba setho sa federeshene.
5. Mokgatlo o mong le o mong wa basebetsi, mokgatlo wa boramesebetsi le ramosebetsi ba na le tokelo ya ho buisana e le sehlopha. Molao wa naha o ka etswa hore o laole dipuisano tsa sehlopha ho fihlela maemong ao e leng hore molao o entsweng o ka fokotsa tokelo Kgaolong ena, mme phokotso e tshwanetse e dumellane le karolo 36(1).
6. Molao wa naha o ka amohela ditlhophiso tsa tshireletso ya mokgatlo wa basebetsi jwalo ka ha dihlahella ditumellanong tsa dipuisano tsa sehlopha. Ho fihlela maemong ao e leng hore molao o entsweng o ka fokotsa tokelo Kgaolong ena, mme phokotso e tshwanetse e dumellane le karolo 36(1).

24. Tikoloho
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo—
a. ya tikoloho e seng kotsi bophelong ba bona kapa boiketlong ba bona; le
b. ya ho sireletsa tikoloho, molemong wa meloko ya kajeno le e tlang, ka ho etswa ha molao le mekgwa e meng e—
i. thibelang tshilafalotso ya tikoloho le phokotseho ya tlholeho;
ii. kgothalletsa polokeho ya tlhaho; le
iii. ho fumana ntshetso pele ya tlhaho e ka sebediswang le tshebediso ya mehlodi ya tlhaho ho ntse ho kgothalletswa tswelopele e amohelehang ya moruo le phedisano.

25. Thepa
1. Ha ho motho ya ka amohuwang thepa ya hae ka ntle ho molao o akaretsang, mme ha ho molao o ka dumellang hore motho a amohuwe thepa ya hae ka ntle ho lebaka.
2. Thepa e ka nkuwa mothong feela ka tlasa taelo ya molao o sebetsang ka kakaretso—
a. bakeng la merero ya setjhaba kapa molemong wa setjhaba; le
b. ho ya ka ho putswa, tefello eo le nako le mokgwa wa ho lefella, mme o tla dumellwa ke bao ba amehang kapa nahanelwang kapa ba amohetswe ke lekgotla.
3. Tefello, nako le mokgwa wa ho lefa di tshwanela ho sebetswa ka toka mme di tshwane di lekane le ho bontsha tekano mahareng a kgahleho ya setjhaba le ditabatabelo tsa ba amehang, ho ntse ho hlokometswe mabaka ohle a amehang, mmoho le—
a. tshebediso ya thepa nakong ena;
b. nalane ya phumaneho le tshebediso ya thepa;
c. theko ya thepa mmarakeng;
d. hore puso e tsetetse ho le hokae le hore thepa eo e tla ntlafatswa ka tjhelete e kae; le
e. sepheo sa ho nka thepa eo.
4. Mabapi le karolo ena—
a. ditabatabelo tsa setjhaba di kenyeletsa maikemisetso a setjhaba a tjhadimo e ntjha ya ntlafatso ya lefatshe e le hore ho be le phihlelo e lekaneng ya mehlodi ya tlhaho ya Afrika Borwa; le
b. thepa ho se felle maemong a naha feela.
5. Puso e lokela ho etsa matsapa ohle a molao le mekutu e meng, maemong a teng a mehlodi, ho kgothaletsa maemo a dumellang baahi ho ka fumana naha ka ho lekana.
6. Motho kapa setjhaba seo ho tshwareng ha sona naha ho sa lokang ho ya ka molao ka lebaka la melao ya kgethollo ka mmala kapa ditlwaelo, jwalo ka ha e behetswe Molao wa Palamente, ekaba ka ho tshwara naha eo e sireleditsweng ka molao kapa ka ho kgutlisetsa ho lekanang.
7. Motho kapa setjhaba se amohilweng naha ya sona ka mora 19 Phupjane 1913 ka lebaka la melao ya dilemo tse fetileng tsa kgethollo ka mmala kapa ditlwaelo, o na le hona ho ka kgutlisetsa thepa ho monga yona kapa ho nehelwa ka ho lekana jwalo ka ha ho behetswe Molaong wa Palamente.
8. Ho se be le pehelo efe kapa efe ya karolo ena e ka sitisang puso ho ka sebetsa ka molao ho fumana naha, metsi le diphetoho tse ding tse tsamaelanang le tseo e le ho lokisa bophelo ba kgethollo e fetileng ya mmala, ha feela ho ke ke ha sebetswa ka dipehelo tsa karolo ena di itshetlehile hodima dipehelo tsa karolo 36 (1).
9. Palamente e tlameha ho etsa molao o hlaloswang karolwaneng (6).

26. Matlo
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le ntlo e tshwanelehang.
2. Puso e lokela ho etsa ka hohlehohle ho ya ka molao le ka mekgwa e meng, ho ya ka matla a teng, ho fihlella tokelo ena ya tswelopele.
3. Ho se ke ha eba le motho ya ka ntshwang ka mahahapa lapeng la hae kapa lelapa la hae la heletswa ka ntle ho taelo ya lekgotla ka mora hore lekgotla le hlahlobisise mabaka ohle. Ho sa be le molao o dumellang ho lelekwa ntle ho lebaka.

27. Bophelo bo botle, dijo, metsi le tshireletso ya setjhaba
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fihlella—
a. ditshebeletso tsa bophelo bo botle, ho kenyeletswa le ditshebelletso tsa thari;
b. dijo le metsi a lekaneng; le
c. tshireletso ya phedisano ho kenyeletswa, ha eba ba sitwa ho iphedisa le bohle ba matleng a bona, ba fumane thuso e lokelang ya phedisano.
2. Puso e tlamehile ho etsa ka hohlehohle ho ya ka molao le ka matla a teng ho ka fihlella maemo a ditokelo tsena.
3. Ho se be le motho ya hanelwang phekolo nakong ya tshohanyetso.

28. Bana
1. Ngwana e mong le e mong o na le tokelo ya—
a. ho ba le lebitso le boahi ho tloha tswalong;
b. ho ba le tlhokomelo ya lelapa kapa ya batswadi kapa tlhokomelo e nngwe feela e lokileng ha a tloswa tlhokomelong ya lelapa;
c. ho fumana phepo ya sebele, bodulo, tshebeletso ya bophelo bo botle le ditshebeletso tsa setjhaba;
d. ho sireletswa ho tlatlapuweng, ho se hlokomelwe, tlhekefetsong kapa tlontlollong;
e. ho sireletswa mekgweng ya mesebetsi ya ho sebedisa bana;
f. ho se lebellwe kapa ho se dumellwe ho sebetsa kapa ho fana ka ditshebeletso tse—
i. sa lokelang motho wa dilemo tsa ngwana eo; kapa
ii. ka beang ngwana kotsing, thuto ya hae, mmele kapa ya bophelo bo botle ba boko, bodumedi kapa boitshwaro kapa phedisano;
g. ho se kwallwe tjhankaneng ka ntle ha ha eba ha ho na tsela e nngwe, ha eba ho jwalo, ha ho kenyeletswa ditshwanelo tseo ngwana a di fumanang ho latela dikarolo tsa 12 le 35, ngwana a ka kwallwa tjhankaneng nako e nyenyane feela e loketseng, mme o na le tokelo ya ho—
i. behwa moo ho se nang batho ba boholo ba dilemo tse fetang 18; le
ii. tshwarwa ka tsela e, le ho bolokwa maemong a, tsamaelanang le dilemo tsa ngwana;
h. ho be le ramolao ya hlokometseng ngwana ka mong, ka ditshenyehelo tsa mmuso, ha a hlaha lekgotleng, ha eba mohlomong ho sa ahlolwe ka toka; le
i. ho se sebediswe ntweng, le ho sireletsa ka nako ya ntwa.
Ditabatabelo tsa ngwana ke tsa bohlokwa mererong yohle e tadimaneng le yena.
2. Karolong ena, ha ho buuwa ka”ngwana”ho bolelwa motho eo dilemo tsa hae di leng ka tlase ho tse18.

29. Thuto
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya—
a. ho fumana thuto ya motheo, ho kenyelletswa le thuto ya batho babaholo ya motheo; le
b. ho ntshetsa thuto pele, eo puso ho latela maemo a lokileng, etlamehang ho hlokomela hore e fihlellwe le ho fumaneha.
2. E mong le e mong o na le tokelo ya ho rutwa ka puo ya semmuso kapa dipuo tseo ba ikgethelang tsona mekgatlong ya thuto ya setjhaba thutong eo, e bang ho kgonahala. E le ho etsa bonnete ba ho ka fihlellwa ha bonolo le ho kenngwa tshebetsong ha, tokelo ena, puso e tshwanetse e hlokomele mekgwa e meng ya thuto e ka sebediswang, ho kenyeletswa mekgatlo e rutang ka puo e le nngwe, ho hlokomelwa—
a. ho lekalekana;
b. kgoneho; le
c. tlhokeho ya ho lokisa ditlamorao tsa diketsahalo tse fetileng tsa molao wa kgethollo.
3. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho theha le ho boloka, ka ditshenyehelo tsa hae, mokgatlo wa thuto o ikemetseng o—
a. sa kgetholleng ho ya ka morabe;
b. ngodisitsweng pusong; le
c. bolokang maemo a seng tlase le ha ho bapiswa maemo a mekgatlo ya thuto ya setjhaba.
4. Karolwana (3) ha e kgetholle ditshehetso tsa puso tsa mekgatlo ya thuto e ikemetseng.

30. Puo le setso
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho sebedisa puo le ho phela ka setso seo a ikgethetseng sona, empa ha ho motho ya etsang jwalo a sa latele dipehelo tsa Bili ya Ditokelo.

31. Ditjhaba tsa setso, bodumedi le puo
1. Batho bao e leng ditho tsa setjhaba sa setso, bodumedi kapa puo ba se ke ba hanelwa tokelo le ditho tse ding tsa setjhaba—
a. ho natefelwa ke setso, ho phetha bodumedi ba bona le ho sebedisa puo ya bona ; le
b. ho theha, ho ba ditho le ho boloka setso, bodumedi le puo ya mekgatlo ya bona le makala a mang a setjhaba.
2. Ditshwanelo karolwaneng (1) e ke ke ya sebediswa ka tsela eo e sa tsamaelaneng le pehelo ya Bili ya Ditokelo.

32. Phumaneho ya lesedi
1. Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ka fumana—
a. lesedi lefe kapa lefe le pusong; le
b. lesedi lefe kapa lefe leo motho e mong a le tsebang mme le hlokeha ho bolokeng ditokelo dife kapa dife.
2. Molao wa naha o tshwanetse o etswe ho nehelana ka ho kenngwa tshebetsong ha tokelo ena mme o ka fana ka metjha eka ka imollang morwalo wa taolo le tjhelete pusong.

33. Ho phethahatswa ha taolo e lokileng
1. Motho e mong le e mong o lokelwa ke tshebetso ya taolo e molaong, e utlwahalang e bile e tsamaiswa ka toka.
Motho e mong le e mong eo ditshwanelo tsa hae di amehileng ka lebaka la phethiso ya taolo o na le tokelo ya ho fumana mabaka a ngotsweng.
2. Ho etswa ha molao wa naha ho sebediswe hore ho tle ho phethahatswe ditshwanelo tsena, mme di tle di—
a. nehele lekgotla ho ka hlahloba setjha tshebetso ya tsamaiso kappa, moo ho lhokahalang, lekgotla le ikemetseng le hlokang leeme;
b. tlame puso hore e phethahatse ditshwanelo tse karolong (1) le (2); le
c. kgothalletse tsamaiso e matla.

34. Phihlello ya makgotla a dinyewe
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho ba le tletlebo e ka rarollwang ka molao ka pela bohle lekgotleng kapa moo ho lokelang ho ka ba le lekgotla kapa kopano e nngwe e ikemetseng e sa sebetseng ka leeme.

35. Batho ba tshwerweng, ba tjhankaneng le ba qositsweng
1. Motho e mong le e mong ya tshwerweng hobane ho thwe o tlotse molao, o na le tokelo ya—
a. ho thola;
b. ho tsebiswa ka pelepele—
i. ka tokelo ya ho thola; le
ii. ka tse tla etsahala ha a sa thole;
c. ho se qobellwe ho etsa maipolelo kapa ho dumela molato, ho ka sebediswang e le bopaki bo mo tlamang;
d. ho hlahella lekgotleng la dinyewe ka pelepele ka moo ho ka kgonahalang ka teng, empa e se be ka mora—
i. dihora tse 48 ka mora hoba a tshwarwe; kapa
ii. qetellong ya lekgotla la pele ha ho se ho fetile dihora tse 48, ha eba dihora tse 48 di fela ka mora nako ya mosebetsi ya ho dula ha lekgotla kapa ka letsatsi leo e seng la ho dula ha lekgotla;
e. hang feela ha a hlahella lekgetlo la pele ka pela lekgotla, ka mora hore a tshwarwe, mme a ahlolwe, kapa a hlalosetswe ka mabaka a ho kwallwa tjhankaneng ho ya ho ile, kapa a lokollwe; mme
f. a lokollwe tjhankaneng ha ho dumeletseha ho ya ka toka, ho latelwa maemo a utlwahalang.
2. Motho e mong le e mong ya tjhankaneng ho kenyelletswa le motshwaruwa e mong le e mong ya seng a ahlotswe, o na le tokelo ya—
a. ho tsebiswa ka pele hore o tshwaretsweng;
b. ho ikgethela le ho buisana le moemedi wa molao mme a tsebiswe ka pelepele ka tokela ena;
c. hore puso e be le moemedi wa molao ya emelang motho ya tshwerweng ke mmuso, ka tefello ya mmuso, ha a sa sebetswe ka toka, mme a tsebiswe ka pelepele ka tokelo ena;
d. ho batlisisa ka boyena lebaka la ho iswa tjhankaneng ka lekgotleng, mme ha eba ho kwallwa ho se molaong, a lokollwe;
e. ho kwallwa ka tlasa maemo a dumellanang le tshwaro ya batho, ho kenyeletswa bonyane ho phetha le pehelo, ka ditshenyehelo tsa mmuso, ho fumana kgoleho e lokileng, phepo e ntle, ho ka bala dingolwa le thuso ya booki; le
f. ho ba le ho ka buisana le ho ka tjhakelwa ke batho ba kang—
i. monna kapa mofumahadi kapa molekane;
ii. leloko;
iii. moeletsi wa bodumedi wa boikgethelo; le
iv. ngaka ya boikgethelo.
3. Moqosuwa e mong le e mong o na le tokelo ya hore nyewe ya hae e ahlolwe ntle ho leeme, ho kenyeletswa tokelo ya—
a. ho tsebiswa ka qoso ya hae a be a fuwe dintlha tse lekaneng hore a tsebe ho ikarabella;
b. ho fuwa nako e lekaneng le boitokisetso hore a tsebe ho hlophisa boipuello ba hae;
c. ho hlaha lekgotleng lefe kapa lefe;
d. hore nyewe ya hae e qale e be e felle ntle ho tshenyo ya nako e sa hlokeheng;
e. ho ba teng ha nyewe e buuwa;
f. ho ikgethela le ho emelwa ke mmuelli, le ho tsebiswa ka tokelo ena ka potlako;
g. hore mmuso o batlele moqosuwa mmuelli, ka ditshenyehelo tsa mmuso, ha eba ho ka ba le ho se ahlole ka toka, mme a be a tsebiswe ka tokelo ena ka potlako;
h. hore a nkuwe a se na molato, a kgutse, a be a se ke a fana ka bopaki ha ho ntse ho buuwa ka nyewe;
i. ho fana ka bopaki le ho nyatsa bopaki boo ho fanwang ka bona kgahlanong le yena;
j. ho se qobellwe ho fana ka bopaki boo ka bona a ka itshwarisang;
k. hore nyewe e tsamaiswe ka puo eo moqosuwa a e utlwisisang kapa ha ho sa kgonahale ho tolokwe ka puo eo moqosuwa a e utlwisisang;
l. ho se ahlolelwe ketso kapa ho se phethise ketso e itseng nakong eo ketsahalo e neng e se tlolo ya molao kapa e sa phethwang molaong wa naha kapa wa matjhaba;
m. ho se tsekiswe tlolo ya molao eo motho a seng a ile a lokollwa kapa a fumanwa a le molato wa yona;
n. ho fumantshwa molemo wa kotlo e tlase e hlalositsweng e bang kotlo eo e bakeng la molao o tlotsweng e fetotswe mahareng a nako eo tlolo ya molao e neng e phethwa ka yona le nako ya kahlolo; mme
o. ya ho etsa boipiletso, ho kopa hore lekgotla le tadime nyewe eo hape, lekgotleng le phahameng.
4. Ka mehla ha karolo ena e hloka hore lesedi le nehelwe motho, lesedi leo le tshwanetse le nehelwe ka puo eo motho eo a e utlwisisang.
5. Bopaki bo fumanweng ka mokgwa o kgahlanong le tokelo efe kapa efe e ngotsweng Biling ya Ditokelo bo lokelwa ho qhelelwa ka thoko e bang ha bo ka amohelwa bo ka tshwaetsa nyewe kapa bahlahella bo le kotsi tsamaisong ya toka.

36. Moedi wa ditokelo
1. Ditokelo tse Biling ya Ditokelo di ka nna tsa sehelwa meedi ho latela molao o sebediswang ka kakaretso ho fihlela moedi o be o amoheleha le ho ba wa toka setjhabeng sa demokrasi se thehilweng hodima botho, ho lekana le tokoloho, ho kenyeletswa dintlha tsohle tsa bohlokwa tse kang—
a. sebopeho sa tokelo;
b. bohlokwa ba sepheo sa pehelo ya moedi;
c. sebopeho le boholo ba pehelo ya moedi;
d. kamano pakeng tsa pehelo ya moedi le sepheo sa yona; le
mokgwa o kginang hanyane ho fihlela sepheo.
2. Ka ntle ha eba ho boletswe karolwaneng (1) kapa pehelong efe kapa efe ya Molaotheo, ho se be molao o sehelang tokelo efe kapa efe moedi e ngotsweng Biling ya Ditokelo.

37. Maemo a qomatsi
1. Maemo a qomatsi a ka nna a phatlalatswa feela ka Molao wa Palamente, ha feela—
a. ha setjhaba se le kotsing ya ntwa, tlhaselo, merusu, pherekano, koduwa kapa tlokotsi efe kapa efe ya setjhaba; le
b. kgweletso e loketse ho boloka kgotso le tsamaiso e ntle.
2. Kgweletso ya maemo a qomatsi le molao o entsweng kapa ketso efe kapa efe e entsweng ka lebaka la se etsahetseng ka mora moo, e ka etsahala feela—
a. e lebeletswe ho etsahala; le
b. e sa fete matsatsi a 21 ho tloha letsatsing la phatlalatso ka ntle ha eba Seboka sa Naha se nka qeto ya ho eketsa kgweletso. Seboka se ka eketsa kgweletso ya maemo a qomatsi e sa feteng dikgwedi tse tharo ka nako e le nngwe. keketso ya pele ya maemo a qomatsi e lokela ho ba ka qeto e amohetsweng ka kgetho e tsheheditsweng ke boholo ba ditho tsa Seboka. Keketso e latelang e etswe ka qeto e amohetsweng ka thuso ya kgetho ya bonyane diphesente tse 60 ya ditho tsa Seboka. Qeto eo ka ho ya ka dipehelo tsa temana ena e ka nna ya amohelwa ha feela ho ile ha buisanwa pepeneneng Sebokeng.
3. Lekgotla lefe kapa lefe le nang le tshwanelo le ka etsa qeto ka matla a—
a. kgweletso ya maemo a qomatsi;
b. keketso efe kapa efe ya maemo a qomatsi; kapa
c. molao o etsweng kapa bohato bo nkuweng kgahlano le kgweletso ya maemo
4. Molao o entsweng kapa bohato bo nkuweng kgahlano le phatlalatso ya maemo a qomatsi o ka fapana le Bili ya Ditokelo ho fihlela feela—
a. ha phapang e hlokwa ke qomatsi; le
b. molao o etswang—
i. o dumellana le ditlamo tsa Rephaboliki tlasa molao wa matjhaba e sebediswang maemong a qomatsi;
ii. o dumellane le karolo (5); mme
iii. o phatlalatswa Gazeteng ya Mmuso ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng ho phethwa.
5. Ha ho Molao wa Palamente o dumellang kgweletso ya maemo a qomatsi, mme ha ho molao o entsweng kapa ketsahalo e ka etswang ho latela kgweletso, e ka dumella—
a. ho leballwa ha puso kapa mang kapa mang ho ya ka ketso e seng molaong;
b. Kgeloho efe kapa efe karolong ena; kapa
c. Kgeloho efe kapa efe e karolong e boletsweng lenaneng la 1 ya Lenaneo la Ditokelo tse ke keng tsa Tlolwa jwalo ka ha ho bontshitswe ka thoko ho karolo ya lenane la 3.

Moralo wa Ditokelo tse kekeng tsa tlolwa

Palo ya karolo
Sehlooho sa karolo
Mokgwa oo tokelo e tshireleditsweng ka ona
9
Tekano
Mabapi le kgethollo e sa lokang ya bong, mmala, morabe kappa karolo ya botjhaba, bodumedi kapa puo
10
Seriti sa botho
Ka ho phethahala
11
Bophelo
Ka ho phethahala
12
Tokoloho le tshireletso ya motho
Ho latela karolwana (1)(d), (e) le (2)(c)
13
Bokgoba, bohlanka le ho sebediswa ka qobello
Ho latela bohlanka le ho sebediswa ka qobello
28
Bana
Mabapi le:

- karolwana (1)(d) le (e);
- ditokelo tse seratswaneng (i) le (ii) sa karolwana (1)(g); le
- karolwana 1(i) bakeng la bana ba dilemo di 15 ho ya tlase.

35
Ho tshwarwa, ho kwallwa le ho qoswa ha batho
Mabapi le:

- karolwana (1)(a), (b) le (c) le (2)(d);
- ditokelo serapeng (a) ho ya ho (o) ya karolwana (3), ho sa kenyeletswa serapa (d);
- karolwana (4); le
- karolwana (5) ho latela ho se kenyeletswe ha bopaki e bang ho dumelwa ha bopaki boo bo ka etsa nyewe e be le leeme.



6. Ha motho a kwalletswe ka ntle ho qoso ka lebaka la kgotsufatso ya ditokelo ho tswa phatlalatsong ya maemo a qomatsi, maemo a latelang a tshwanetse ho elellwa:
a. motho e moholo eo e leng setho sa lelapa kapa motswalle wa moqosuwa a tsebiswe ka pelepele ka moo ho ka kgonahalang ka teng hore motho eo o kwalletswe.
b. ho phatlalatswe tsebiso Gazeteng ya Mmuso wa Naha matsatsing a mahlano ao motshwaruwa a kwalletsweng ka ona, ho bolelwe lebitso la motshwaruwa le sebaka seo a kwalletsweng ho sona mme ho bolelwe le molao wa qomatsi oo a tshwerweng ka ona.
c. motshwaruwa a dumellwe ho ikgethela a be a etelwe ke Ngaka neng kapa neng ha ho kgonahala.
d. motshwaruwa a dumellwe ho ikgethela a be a etelwe ke leqwetha neng kapa neng ha ho kgonahala.
e. lekgotla le hlahlobisise ho kwallwa ha motshwaruwa ka potlako e kgonahalang empa e seng ka mora matsatsi a 10 ka mora hore motho a tshwarwe, mme lekgotla le lokela ho mo lokolla ka ntle ha eba ho a hlokeha ho boloka kgotso le botsitso ha a ntse a kwalletswe.
f. motshwaruwa ya ke keng a lokollwa ho ya ka dipehelo tsa serapa (e) kapa ya ke keng a lokollwa ho latela ho lekolwa ha serapa sena, a ka etsa kopo lekgotleng ho lekola ho kwallwa ha hae nako e nngwe le e nngwe ka mora matsatsi a 10 ka mora ho lekolwa ho fetileng mme lekgotla le tshwanetseho lokolla motshwaruwa ka ntle ha eba ho lokela ho mo kwalla ho bolokakgotso le botsitso.
g. motshwaruwa o lokela ho dumellwa ho hlaha ka pela lekgotla le leng le le leng ka boyena ha ho lekolwa ho kwallwa ha hae, a emelwe ke leqwetha dipuisanong tseo mme a be a etse kopo e kgahlanong le ho kwallwa ha hae.
h. mmuso o lokela ho hlahisa mabaka a ngotsweng lekgotleng la dinyewe a hlalosang ho kwallwa ha motshwaruwa nako e telele mme e be e nehe motshwaruwa kgatiso ya mabaka ao bonyane matsatsi a mabedi pele lekgotlale lekodisisa ho kwallwa ha hae.
7. E bang lekgotla le lokolla motshwaruwa, motho eo a ke ke a boela a tshwarwa hape ka lebaka la mabaka ao ka ntle ha eba mmuso o ka bontsha ka mabaka a utlwahalang hore motho eo a kwallwe hape.
8. Karolwana (6) le (7) ha di sebetse bathong bao e seng baahi ba Afrika Borwa ba tshwerweng ka lebaka la dibetsa tsa ntwa tsa matjhaba. Feela, mmuso o lokela ho itshetleha ka dipehelo tsa molao wa botho wa matjhaba bathong bao.

38. Qobello ya ditokelo
1. Mang le mang ya hlahellang karolong ena o na le tokelo ya ho ya lekgotleng le tshwanelehileng ka tlaleho ya hore tokelo e Biling ya ditokelo e tlotswe kapa o tshositswe mme lekgotla le ka nehelana ka kimollo e tshwanetseng e akgang ka hare tsebiso ya ditokelo. Batho ba ka yang lekgotleng ke—
a. motho e mong le e mong ya ipuellang;
b. motho e mong le e mong ya emelang e mong ya ke keng a ikemela ka mabitso a hae;
c. motho e mong le e mong ya emetseng motho e mong ya ke keng a ikemela, sehlopha kapa mokgopi wa batho; le
d. motho e mong le e mong ya emelang ditabatabelo tsa setjhaba; le
e. mokgatlo o emelang ditabatabelo tsa ditho tsa ona.

39. Tlhaloso ya Bili ya Ditokelo
1. Ha ho hlaloswa Bili ya Ditokelo, lekgotla kapa ditho tsa lekgotla—
a. di lokela ho kgothalletsa boleng ba setjhaba sa demokrasi se itshetlehileng hodima botho, tekano le bolokolohi;
b. di nahane molao wa matjhaba; hape
c. di ka nna tsa nahan ka molao wa kantle.
2. When interpreting any legislation, and when developing the common law or Ha ho hlaloswa molao, le ha ho thehwa molao kapa molao wa setso, lekgotla le leng le le leng, pitso kapa seboka se lokela ho kgothalletsa maikutlo, sepheo, le maikemisetso a Bili ya Ditokelo.
3. Bili ya Ditokelo ha e thibele boteng ba ditokelo tse ding kapa bolokolohi bo bong bo ananelwang kapa bo beilweng hodima molao wa setso, kapa molao o etswang ho fihlela moo di seng di tsamaelana le Bili.